'Nete e patiloeng

Print Friendly, PDF & Email

Bibele le Moqolo ka litšoantšo

 

  • Ho Tshenolo 5:1-2 e re: Mme ka bona letsohong le letona la ya dutseng teroneng buka e ngotsweng kahare le kantle, e tiisitsweng ka ditiiso tse supileng. Mme ka bona lengeloi le matla le howeletsa ka lentswe le phahamileng, le re: Ke mang ya nang le tokelo ya ho phetla buka, le ho manolla ditiiso tsa yona?
  • Mme ho ne ho se motho lehodimong, leha e le lefatsheng, leha e le ka tlase ho lefatshe, ya neng a ka tseba ho phetla buka, leha e le ho e tadima. (temana ea 3)
  • E mong wa baholo a re ho nna: Se lle; Mme la tla la nka buka letsohong le letona la ya dutseng teroneng. ( temana ea 5, 7 )
  • Eitse hobane e nke buka, dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba itihela fatshe pela Konyana, e mong le e mong a tshwere harepa, le nkgo ya kgauta e tletseng monko o monate, e leng merapelo ya bahalaledi. ( temana ea 8 )
  • “Mme ba bina sefela se setjha, ba re: O loketswe ke ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona, hobane o hlabilwe, mme wa lopololla Modimo ka madi a hao batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle. le sechaba;” ( temana ea 9 )

001 - 'Nete e patiloeng - Khoasolla mona khatiso e phahameng ea PDF